Diphoofolo tse hlaha ka puo ya setho
Tumello e etsweng Hloko

O memelwa ho nka karolo tlhahlobong ya marangrang bakeng sa porojeke ya dipatlisiso e fuputsang ka dikamano pakeng tsa setso le diphoofolo tse hlaha, Afrika Borwa.  Dipatlisiso tsena  ke tsa tikrii ya Bongaka ya Fortunate Phaka ho tswa Univesithing ya North-West le Univesithi ya Hasselt.  O tla nka karolo nako e ka bang metsotso e 15.  Ka kopo nka nako o bale tlhahisoleseding eo ho nehelanweng ka yona mona, e tla hlalosa thuto ena ka botlalo.  Ka kopo botsa mmatlisisi dipotso le ha e le dife ka karolo efe kapa efe ya thuto ena eo o sa e utlwisisisng.  Sebedisa mekgwa ya kgokahano e ngotsweng ka tlase.  Ho bohlokwa hore o kgotsofale ka botlalo, hore o utlwisise seo dipatlisiso tsena di leng ka sona le hore di o ama jwang.  Ho nka karolo ha hao dipatlisisong tsena ha se setlamo.  O ka nna wa hana ho nka karolo kapa wa itokolla le ha e le neng feela ntle le kotlo.  Ha o le ka tlase ho dilemo tse 18, ha o a tshwanela ho nka karolo.

Ha o dumela ho nka karolo, o tla lebellwa ho araba dipotso le hore na setso sa hao se amana jwang le diphoofolo tse hlaha.  Diphetho di tla phatlalatswa diatikeleng tsa saense, theisising le bukeng.  Dipatlisiso di kenya letsoho ho bolokeng  tsebo ya setso mme dikarabo tsa ba nkileng karolo di tla kopanngwa ho etsa buka  ya Afrika Borwa ya setso le diphoofolo tse hlaha. Buka e tla ngolwa ka dipuo tsa matswallwa.  Bakeng sa ho boloka taba e le lekunutu, o ke ke wa botswa lebitso. Ho nnetefatsa hore ba nkang seabo ha ba iphetaphete, o tla kotjwa ho kenya nomoro ya hao ya mohala kapa aterese ya imeili mme tsena di ke ke tsa sebediswa ho hokahana le wena.  Ha ho mang kapa mang ya ka kgonang ho o hlwaya le ho hlwaya dikarabo tsa hao.  Ha ho motho ya ka tsebabg le hore o nkile karolo kapa tjhe thutong ena.

Lebitso la Mmatlisisi: Fortunate Mafeta Phaka
Nomoro ya mohala: 0658563696 (WhatsApp)
Imeili: wild@wildvernac.org
Sign in to Google to save your progress. Learn more
TUMELLO YA ELEKTRONIKI: Kgetha kgetho ya hao ka tlase.  O ka iketsetsa kgatiso ya kopi ya foromo ena  ya tumello bakeng sa direkoto tsa hao. *
Ee
O na le dilemo tse 18 kapa ho feta
O badile tlhahisoleseding e ka hodimo
O ithaopa ho nka karolo
Next
Clear form
Never submit passwords through Google Forms.
This content is neither created nor endorsed by Google. Report Abuse - Terms of Service - Privacy Policy